O nrata jwang?
O thabela ho bona mefophodi a dikeledi marameng 'ka?
O ikotla sefuba ho nkenya tsietsing ya hoba wa hao wa lerato....
Hobaneng o sebedisa lentswe "Lerato" ho nkotla pelong ka lerumo?
Ke thabo pelong ya hao ho bona ke hlomohile maikutlo?
Thabo ya hao ke nyakallo pelong yaka..
O kgothala moyeng ho bona ke kgitla seboko?
Sello saka ke monyaka pelong ya hao?
O nrata jwang?
Ha thabo yaka e le thohako pelong ya hao?
Ho nkotla pelong ka mantswe a bohloko,
Ho sotla ka moya waka,
Ho mfetola setsheisa setjhabeng,
A' ke lona lerato leo?
Se leng pelong yaka lena lerato,
Yaka pelo e rotha madi,
Se bonwang ke yaka pelo,
Se sithabetsa se mahlo a ka a se bonang....
Ho baneng o sebedisa lerato ho nkutlwisa bohloko?
O nrata jwang?
This poem has not been translated into any other language yet.
I would like to translate this poem
When did you do this poem o rata jwang and u worked with who